Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 26:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale Davida a araba ’me a re ho Akimeleke Mohethe+ le Abishai+ mora oa Tseruja,+ mor’abo Joabe: “Ke mang ea tla theohela le ’na ho Saule liahelong?” Eaba Abishai o re: “Ke tla theohela le uena.”+

  • 2 Samuele 10:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 A nehelana ka batho ba bang kaofela letsohong la Abishai+ mor’abo, e le hore a ka ba etsa thekō ho ea kopana le bara ba Ammone.+

  • 2 Samuele 23:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe mora oa Tseruja,+ e ne e le hlooho ea ba mashome a mararo, ’me o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo.+

  • 1 Likronike 11:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe,+ ea e-ba hlooho ea ba bararo; o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo.

  • 1 Likronike 18:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ha e le Abishai+ mora oa Tseruja,+ a bolaea Baedomo Phuleng ea Letsoai,+ ba likete tse leshome le metso e robeli.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela