Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 9:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ntlo ena e tla fetoha liqubu tsa lithako.+ E mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala+ ’me ka sebele o tla letsa mololi a re, ‘Ke ka lebaka la’ng ha Jehova a entse joalo naheng ee le ntlong ee?’+

  • 2 Likronike 36:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo+ oa ’nete le ho heletsa lerako+ la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang,+ e le hore ba bake tšenyo.+

  • Pesaleme 74:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 U phahamisetse mehato ea hao masuping a tšoarellang halelele.+

      Sera se tšoere ntho e ’ngoe le e ’ngoe hampe sebakeng se halalelang.+

  • Pesaleme 79:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 79 Molimo, lichaba li kene lefeng la hao;+

      Li silafalitse tempele ea hao e halalelang;+

      Li entse Jerusalema qubu ea lithako.+

  • Esaia 64:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ntlo ea rōna ea khalalelo le botle,+ eo baholo-holo ba rōna ba u rorisitseng ho eona,+ e fetohile ntho e chesoang mollong;+ ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tsa rōna tse lakatsehang+ e ripitliloe.

  • Jeremia 7:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ntlo e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka,+ eo le e tšepileng,+ le sebaka seo ke se fileng lōna le baholo-holo ba lōna, ke tla li etsa feela joalokaha ke entse Shilo.+

  • Lillo Tsa Jeremia 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Mohanyetsi o otlolletse letsoho linthong tsohle tsa eona tse lakatsehang.+

      Etsoe e bone lichaba tse keneng ka sehalalelong sa eona,+

      Tseo u li laetseng hore li se ke tsa kena ka phuthehong ea hao.

  • Lillo Tsa Jeremia 2:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Jehova o lahlile aletare ea hae.+ O nyelisitse sehalalelo sa hae.+

      O nehelane ka marako a litora tsa hae tsa bolulo letsohong la sera.+

      Ba hoelelitse ka mantsoe a bona ka tlung ea Jehova, joaloka letsatsing la mokete.+

  • Mikea 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka hona ka lebaka la lōna Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela, le Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea ntlo e tla ba joaloka libaka tse phahameng tsa moru.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela