Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Lisebelisoa+ tsohle, tse khōlō+ le tse nyenyane, tsa ntlo ea Molimo oa ’nete le matlotlo+ a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena+ le a likhosana tsa hae, a tlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe Babylona.

  • Esaia 39:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 ‘Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.’+ ‘Ha ho letho le tla sala,’+ ho boletse Jehova.

  • Jeremia 15:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo a hao hore a tlatlapuoe,+ eseng hore a lefelloe, empa bakeng sa libe tsohle tsa hao, esita le libakeng tsohle tsa hao.+

  • Jeremia 20:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ke tla nehelana ka lintho tsohle tse bolokiloeng tsa motse ona le lihlahisoa tsohle tsa oona le lintho tsohle tsa oona tsa bohlokoa; ke tla nehelana ka matlotlo ’ohle a marena a Juda matsohong a lira tsa bona.+ Ka sebele ba tla ba tlatlapa ’me ba ba nke ba ba tlise Babylona.+

  • Jeremia 52:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Litšiea+ tsa koporo tsa ntlo ea Jehova le likariki+ le leoatle+ la koporo tse neng li le ka tlung ea Jehova Bakalde ba li roba likoto ’me ba qala ho isa koporo eohle ea tsona Babylona.+

  • Jeremia 52:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Libeisine+ le lipane tsa mollo le likotlolo+ le maleke le liluloana tsa lebone+ le linoelo le likotlolo tsa khauta ea sebele,+ le tseo e neng e le tsa silevera ea sebele,+ mookameli oa balebeli a li nka.+

  • Daniele 1:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka mor’a nako Jehova a nehelana ka Jojakime morena oa Juda+ le karolo ea lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete letsohong la hae, hoo a ileng a li tlisa naheng ea Shinare+ ka tlung ea molimo oa hae; a tlisa lisebelisoa ka tlung ea matlotlo ea molimo oa hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela