10 kaha u tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao e le hore u boloke litaelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tse ngotsoeng bukeng ena ea molao,+ hobane u tla khutlela ho Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.+
3 Samuele a re ho bohle ba ntlo ea Iseraele: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna,+ lahlang melimo esele har’a lōna+ le litšoantšo tsa Ashtorethe,+ le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela,+ ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+
4“Haeba u ne u ka khutla, Uena Iseraele,” ho bolela Jehova, “u ka khutlela ho ’na.+ Haeba u tla tlosa lintho tsa hao tse nyonyehang ka lebaka la ka,+ joale u ke ke ua ba ’malehi.
13 Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+
7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba lōna le khelohile melao ea ka ea tsamaiso ’me ha lea e boloka.+ Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.