7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”
39 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ sebaka sa hao se tiisitsoeng sa bolulo,+ ’me u tšoarele+ le ho nka bohato+ ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela+ tsohle tsa hae, hobane u tseba pelo+ ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang hantle lipelo tsa bara bohle ba moloko oa batho);+
10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+