Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Le mpe le itebele ’me le hlokomele meea+ ea lōna haholo, e le hore le se ke la lebala lintho tseo mahlo a lōna a li boneng+ le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lōna ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna;+ ’me le li tsebise bara ba lōna le litloholo tsa lōna,+

  • Jeremia 17:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.+ Ke mang ea ka e tsebang?

  • Mareka 7:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 etsoe ka hare, ka lipelong tsa batho,+ ho hlaha menahano e kotsi: bohlola,+ bosholu, lipolao,+

  • Baroma 8:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Etsoe ho beha kelello nameng ho bolela lefu,+ empa ho beha kelello moeeng+ ho bolela bophelo le khotso;

  • Baefese 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ka hona, le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe+ ka hohle ka ’nete,+ ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka,+

  • Bafilipi 4:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng,+ lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.+

  • Bakolose 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Empa joale ka sebele li tloseng kaofela ho lōna,+ khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang,+ le puo e nyonyehang+ melomong ea lōna.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela