Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 41:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Faro a eketsa ka ho re ho Josefa: “Ke ’na Faro, empa ntle ho tumello ea hao ha ho motho ea ka phahamisang letsoho la hae kapa leoto la hae naheng eohle ea Egepeta.”+

  • 1 Marena 2:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Kapele-pele Morena Solomone a romeletsa ka Benaia+ mora oa Jehojada; eaba oa mo futuhela, hoo a ileng a shoa.+

  • Esdrase 7:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ha e le e mong le e mong ea sa fetoheng mophethi oa molao oa Molimo oa hao+ le molao oa morena, kahlolo e ke e phethisoe ka potlako holim ’a hae, ebang ke bakeng sa lefu+ kapa bakeng sa ho lelekoa,+ kapa bakeng sa tefiso ea chelete+ kapa bakeng sa ho kenngoa chankaneng.”

  • Daniele 3:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale haeba le itokisitse e le hore ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, le phala e nang le mokotlana oa moea le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle,+ le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng, ke hantle. Empa haeba le sa rapele, ka motsotso oona oo le tla lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo. Molimo eo ke mang ea ka le pholosang matsohong a ka?”+

  • Baroma 13:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a+ balaoli ba phahameng,+ kaha ha ho na bolaoli+ haese ka Molimo;+ balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo+ maemong a bona a lekanyelitsoeng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela