Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Ha e le uena, inkele litlolo tse nkhang hamonate ka ho fetisisa:+ myra+ ka tekanyo ea marotholi a hoammeng a makholo a mahlano, le sinamone+ e monate ka halofo ea tekanyo eo, litekanyo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, le kalamase+ e monate ka litekanyo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano,

  • Esthere 2:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ha ho fihla nako ea hore mosali ka mong e mocha a kene ho Morena Assueruse ka mor’a hore ho etsahale ho eena ho ea ka molao oa tsamaiso ea basali ka likhoeli tse leshome le metso e ’meli, kaha eo e ne e le tsela eo ka eona matsatsi a mokhoa oa ho sililoa ha bona a neng a phethahala butle-butle, likhoeli tse tšeletseng ka oli ea myra+ le likhoeli tse tšeletseng ka oli ea balsame+ le ho sililoa ha basali;

  • Pesaleme 45:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Liaparo tsohle tsa hao ke myra le lekhala le kasia;+

      Ho tsoa ntlong e khōlō ea ’muso ea lenaka la tlou+ liletsa tse likhoele li u thabisitse.

  • Sefela sa Lifela 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “Ho fihlela letsatsi le phola+ le meriti e balehile, ke tla ea thabeng ea myra le leralleng la libano tse tšoeu.”+

  • Sefela sa Lifela 5:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Marama a hae a joaloka serapa sa senōko,+ litora tsa litlama tse monko o monate. Molomo oa hae ke likhahla, tse rothang myra e mokelikeli.+

  • Johanne 19:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Nikodemase le eena, monna ea ileng a tla ho eena bosiu ka lekhetlo la pele, a tlisa moqolo oa myra le makhala, hoo e ka bang liponto tse lekholo tsa oona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela