17 ‘“Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung+ ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.+ Ha ho letho le tla sala,”+ ho boletse Jehova.
13 Joale a ntša matlotlo ’ohle a ntlo ea Jehova le matlotlo a ntlo+ ea morena moo, ’me a tsoela pele ho pshatla lisebelisoa+ tsohle tsa khauta tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li entse ka tempeleng ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
13 Litšiea+ tsa koporo tse neng li le ka tlung ea Jehova, le likariki+ le leoatle+ la koporo le neng le le ka tlung ea Jehova, Bakalde ba li roba likoto ’me ba qala ho isa koporo ea tsona Babylona.+
25 Baprofeta ba eona ba rera bolotsana ka har’a eona,+ joaloka tau e purumang, e rusollang phofu.+ Ba timetsa moea.+ Ba tsoela pele ho nka letlotlo le lintho tsa bohlokoa.+ Ba atisitse bahlolohali ka har’a eona.+