Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 9:57
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 57 Molimo a khutlisetsa bobe bohle ba banna ba Shikeme lihloohong tsa bona, e le hore bomalimabe+ ba Jothame+ mora oa Jerubaale+ bo ka tla holim ’a bona.+

  • 1 Samuele 25:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Davida a utloa hore Nabale o shoele, kahoo a re: “Ho bokoe Jehova, ea tsamaisitseng nyeoe+ ea ho nyelisoa+ ha ka ho ntokolla letsohong la Nabale ’me o thibile mohlanka oa hae bobeng,+ ’me bobe ba Nabale Jehova o bo khutliselitse hloohong ea hae!”+ Davida a romeletsa ’me a etsa kōpo ea ho nka Abigaile hore e be mosali oa hae.+

  • Nehemia 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Utloa,+ Molimo oa rōna, kaha re fetohile ba eisehang;+ u khutlisetse nyeliso+ ea bona holim ’a lihlooho tsa bona, ’me u nehelane ka bona tlatlapong naheng ea kholeho.

  • Jeremia 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Bonang! Sefefo sa Jehova, khalefo, e tsoile, sefefo se matla se fielang se lebile pele.+ Se tla feta ka potlako ka holim ’a lihlooho tsa ba khopo.+

  • Joele 3:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 bonang! ke ba tsosa hore ba tsoe sebakeng seo le ba rekisitseng+ ho sona, ’me ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong tsa lōna.+

  • Obadia 15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Etsoe letsatsi la Jehova khahlanong le lichaba tsohle le haufi.+ Tsela eo u entseng ka eona, ho tla etsoa ka eona ho uena.+ Mofuta oa tšoaro ea hao o tla khutlela hloohong+ ea hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela