Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ba ntšusumelelitse poulelong ka seo e seng molimo;+

      Ba nkhalefisitse ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela;+

      Ke tla ba susumelletsa poulelong ka seo e seng sechaba;+

      Ke tla ba khopisa ka sechaba se hlokang kelello.+

  • 2 Marena 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong+ le ho sebelisa bonohe+ le ho batla lipontšo tsa se tlang,+ ’me ba ’na ba ithekisetsa+ ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa;+

  • Nehemia 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena;+ ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+

  • Jeremia 7:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ‘Na ba siteloa ’na?’ ho bolela Jehova.+ ‘Na ha ba itšiteloe, ka morero oa ho hlabisa lifahleho tsa bona lihlong?’+

  • Jeremia 32:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 “‘Etsoe ho ’na bara ba Iseraele le bara ba Juda e bile baetsi feela ba se sebe mahlong a ka, ho tloha bocheng ba bona;+ etsoe bara ba Iseraele ba bile ba ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a bona,’+ ho bolela Jehova.

  • Jeremia 44:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Empa ha baa ka ba mamela,+ kapa ba sekeha tsebe hore ba tlohele bobe ba bona ka ho se etsetse melimo e meng mosi oa sehlabelo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela