Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 16:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”

  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 Ka kōpo, e se eka bobe ba ba khopo bo ka fela,+

      E se eka u ka tiisa ea lokileng;+

      Molimo e le ea lokileng+ o leka pelo+ le liphio.+

  • Liproverbia 11:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba lipelo li khopameng ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa ba sa tšoauoeng phoso litseleng tsa bona baa mo khahlisa.+

  • Jeremia 17:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+

  • Jeremia 20:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng;+ u bona liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona,+ etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+

  • Tšenolo 2:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela