Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 14:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Le bona ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng+ le litšiea tse halalelang+ le lipalo tse halalelang+ holim ’a leralla+ le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate+ se seng le se seng se behang haholo.

  • Ezekiele 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ba bolailoeng ba bona ba e-ba har’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang,+ ho pota-pota lialetare tsa bona ka hohle,+ holim ’a leralla le leng le le leng le phahameng,+ litlhōrōng tsohle tsa lithaba+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se seholo se makala,+ sebakeng seo ho sona ba nyehetseng monko o khathollang ho litšoantšo tsohle tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+

  • Hosea 4:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Se etsa sehlabelo litlhōrōng tsa lithaba,+ ’me se etsa mosi oa sehlabelo maralleng,+ tlas’a sefate sa setonanahali le sefate sa storaxe le sefate se seholo, hobane moriti oa sona o molemo.+ Ke ka lebaka leo barali ba lōna ba etsang bohlola le lingoetsi tsa lōna li febang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela