Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 ho phethahatsa lentsoe la Jehova ka molomo oa Jeremia,+ ho fihlela naha e lefile lisabatha+ tsa eona. E ile ea boloka sabatha ka matsatsi ’ohle a ho ba lesupi, ho phethahatsa lilemo tse mashome a supileng.+

  • Esaia 6:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eaba ke re: “E tla ba halelele hakae, Jehova?”+ Joale a re: “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi;+

  • Jeremia 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe;+ ’me metse ea Juda ke tla e etsa lesupi, e hloke baahi.+

  • Jeremia 44:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Le bone tlokotsi eohle eo ke e tliselitseng Jerusalema+ le metse eohle ea Juda, ’me bonang! ke sebaka se ripitliloeng kajeno, ’me ha e na baahi.+

  • Ezekiele 36:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Naha e entsoeng lesupi e tla lengoa, le hoja e ne e fetohile lesupi ka pel’a mahlo a e mong le e mong ea fetang ka tsela.+

  • Mikea 7:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Naha e tla fetoha lesupi ka lebaka la baahi ba eona, ka lebaka la litholoana tsa mesebetsi ea bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela