10 Empa kannete Jehova ke Molimo.+ Ke Molimo ea phelang+ le Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae,+ ’me ha ho na lichaba tse tla tiisetsa tlas’a nyatso ea hae.+
17 Joale ho Morena oa bosafeleng,+ ea ke keng a bola,+ ea sa bonahaleng,+ eo e leng eena feela Molimo,+ e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
11 “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya+ le tlhompho+ le matla,+ hobane u bōpile lintho tsohle,+ ’me ka lebaka la thato ea hao+ li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”+