Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 29:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Jehova, boholo+ le matla+ le botle+ le bokhabane+ bo hlomphehang le ho hlompheha+ ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao.+ ’Muso ke oa hao,+ Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim ’a tsohle.+

  • Pesaleme 22:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Etsoe borena ke ba Jehova,+

      O laola lichaba.+

  • Pesaleme 97:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 97 Jehova ke morena!+ Lefatše le ke le thabe.+

      Lihlekehleke tse ngata li nyakalle.+

  • Daniele 4:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka molao-taelo oa balebeli+ taba eo ke hore, le ka polelo ea bahalaleli kōpo eo ke ka morero oa hore batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho+ le hore o fana ka oona+ ho eo a batlang ho mo fa oona, ’me holim ’a oona o emisa esita le ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.”+

  • Daniele 4:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 “Bofelong ba matsatsi ao+ ’na, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo maholimong,+ ’me kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na; ka boka Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ka rorisa le ho tlotlisa Ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me ’muso oa hae o teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+

  • Tšenolo 12:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka utloa lentsoe le phahameng leholimong le re:

      “Joale ho hlahile poloko+ le matla+ le ’muso oa Molimo+ oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae,+ hobane moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna o lihetsoe tlaase!+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela