4 U tla oela lithabeng tsa Iseraele,+ uena le lihlopha tsohle tsa hao le lichaba tse tla beng li e-na le uena. Ke tla nehelana ka uena hore u be lijo tsa linonyana tse jang nama, linonyana tsa mapheo a mefuta eohle, le ho libata tsa naha.”’+
17 Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana+ kaofela tse fofang sebakeng: “Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo,