Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntša Baiseraele har’a bona.”

  • Exoda 7:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jehova o itse: “U tla tseba ka sena hore ke ’na Jehova.+ Ke otla metsi a Nokeng ea Nile ka molamu o letsohong la ka ’me a tla fetoha mali.

  • Exoda 8:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Moshe a re ho Faro: “Ke uena ea tla mpolella hore na ke kope Molimo neng hore a tlose linqanqane ho uena, ho bahlanka ba hao, ho sechaba sa hao le ka matlung a hao. Li tla siuoa feela Nokeng ea Nile.” 10 Faro a re: “Hosane.” Moshe a re: “Ho tla etsoa joalokaha u boletse e le hore u ka tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova Molimo oa rona.+

  • Exoda 8:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Letsatsing leo ke tla etsa se fapaneng ho naha ea Goshene, eo batho ba ka ba lulang ho eona. Ho ke ke ha e-ba le liboba moo+ ’me u tla tseba ka sena hore ’na Jehova ke naheng eo.+

  • Exoda 14:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ ’me o tla ba lelekisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le masole ’ohle a hae+ ’me Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”+ Baiseraele ba fela ba etsa joalo.

  • Deuteronoma 10:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Bonang, maholimo ke a Jehova Molimo oa lona, esita le maholimo a maholimo* le lefatše le tsohle tse ho lona.+

  • Pesaleme 24:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Lefatše ke la Jehova le tsohle tse ho lona,+

      Naha le ba lulang ho eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela