31 Baholo-holo ba rona ba ile ba ja manna lefeelleng+ joalokaha Mangolo a re: ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba je.’”+32 Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong.
58 Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha bo tšoane le boo baholo-holo ba lona ba bo jeleng empa ba ’na ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+