Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 39:22-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Joale a etsa seaparo se se nang matsoho sa efoda, se lohiloeng ke motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. A se etsa kaofela ka khoele e putsoa.+ 23 Seaparo se se nang matsoho se ne se e-na le lesoba molaleng* le joaloka lesoba la seaparo sa tšepe. Lesoba la seaparo sena le ne le e-na le lemeno ho le potoloha e le hore le se ke la taboha. 24 Ka mor’a moo, ba etsa likharenate lemenong le tlase la seaparo se se nang matsoho, ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu li lohelletsoe hammoho. 25 Ba etsa litleloko tsa khauta e hloekileng ’me ba li kenya pakeng tsa likharenate ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 26 Ba ile ba etsa hore tleloko e lateloe ke kharenate, e be tleloko ’me pel’a eona e be kharenate, ba li kenya joalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho, se neng se aparoa bakeng sa tšebeletso ea boprista feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • Levitike 8:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ka mor’a moo, a apesa Arone seaparo se selelele+ eaba o mo tlama ka lebanta.+ A mo apesa le seaparo se se nang matsoho+ eaba o mo apesa efoda*+ ’me o e tlama ka lebanta le lohiloeng+ la efoda, a le tlamella ho eena ka thata.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela