-
Levitike 11:21-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Har’a likokoanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamaeang e le sehlopha ’me li tsamaea ka maoto a mane, le ka ja feela tse nang le maoto ao li qhomang ka ’ona.* 22 Ho tsona le ka ja tse latelang: mefuta e fapaneng ea litsie tse sa luleng sebakeng se le seng, mefuta ea litsie tse ling tse jeoang,+ ea matjeketjane* le ea marutle. 23 Libopuoa tse ling tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24 Li tla le silafatsa. E mong le e mong ea thetsang litopo tsa tsona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+
-