-
Levitike 4:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ka mor’a moo, a tlose mafura ’ohle a poho ea nyehelo ea sebe, mafura a koahelang mala, mafura a potolohileng mala, 9 liphio tse peli le mafura a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 10 A tlose lintho tsena joalokaha ho etsoa ka poho ea sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore li kubelle aletareng ea nyehelo ea secheso.
-
-
1 Samuele 2:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba chese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mor’a moo u inkela eng kapa eng eo u e batlang,” mohlanka oa moprista o ne a re: “Che, mphe eona hona joale, ho seng joalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Kahoo, sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ea Jehova.
-