-
1 Samuele 2:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Hape, le pele motho ea etsang sehlabelo a ka chesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka oa moprista o ne a tla ho eena ’me a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehiloeng ho uena, o tla nka e tala feela.” 16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba chese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mor’a moo u inkela eng kapa eng eo u e batlang,” mohlanka oa moprista o ne a re: “Che, mphe eona hona joale, ho seng joalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Kahoo, sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ea Jehova.
-