Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala, u nke le mafura a sebeteng le liphiong tse peli le mafura a holim’a tsona ’me u li chese hore li kubelle holim’a aletare.+

  • Levitike 7:23-25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 “Bua le Baiseraele u re, ‘Le se ke la ja mafura+ leha e le afe a poho kapa a ramo e nyenyane kapa a poli. 24 Mafura a phoofolo e fumanoang e shoele le mafura a phoofolo e bolailoeng ke phoofolo e ’ngoe a ka sebelisetsoa ntho le ha e le efe empa ho hang le se ke la a ja.+ 25 Mang kapa mang ea jang mafura a phoofolo eo a e hlahisang e le nyehelo e chesetsoang Jehova, a bolaoe sechabeng sa habo.

  • 1 Marena 8:64
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 64 Letsatsing leo morena o ile a halaletsa karolo e bohareng ea lebala le ka pel’a ntlo ea Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa mahlabelo a secheso, nyehelo ea lijo* le likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng hobane aletare ea koporo+ e ka pel’a tempele ea Jehova e ne e le nyenyane haholo hoo e neng e sa khone ho lekana mahlabelo a secheso, linyehelo tsa lijo le likarolo tse mafura+ tsa mahlabelo a kopanetsoeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela