-
Levitike 3:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 A hlahise ho Jehova karolo e ’ngoe ea sehlabelo se kopanetsoeng e le nyehelo e chesoang ka mollo+ e leng mafura+ a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala, 4 liphio tse peli le mafura ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng holim’a nyehelo ea secheso e holim’a patsi e mollong.+ Ke nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+
-
-
Levitike 7:29-31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 “Bolella Baiseraele o re, ‘Mang kapa mang ea hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsoeng ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova karolo e ’ngoe ea nyehelo ea hae e tsoang sehlabelong sa hae se kopanetsoeng.+ 30 A tlise mafura+ le sefuba ka matsoho a hae e le nyehelo e chesetsoang Jehova ’me o tla e tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 31 Moprista o tla etsa hore mafura a kubelle holim’a aletare+ empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.+
-