Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 11:46, 47
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Ona ke molao o mabapi le liphoofolo, libopuoa tse fofang, libopuoa tsohle tse tsamaeang ka metsing le libopuoa tsohle tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha 47 e le hore le tsebe ho khetholla pakeng tsa tse sa hloekang le tse hloekileng le pakeng tsa libopuoa tse phelang tse ka jeoang le tse ke keng tsa jeoa.’”+

  • Deuteronoma 14:4-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Tsena ke liphoofolo tseo le ka li jang:+ poho, nku, poli, 5 khama, tšephe, letsa, poli ea naheng, hloaele, nku ea naheng le phuthi. 6 Le ka ja phoofolo leha e le efe e nang le tlhako e arohaneng ebile e thuisa. 7 Leha ho le joalo, le se ke la ja liphoofolo tse latelang tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng: Kamele, ’mutla le pela hobane lia thuisa empa ha li na tlhako e arohaneng. Ha lia hloeka bakeng sa lona.+ 8 Le se ke la ja le kolobe hobane e na le tlhako e arohaneng empa ha e thuise. Ha ea hloeka bakeng sa lona. Ha lea lokela ho ja nama ea tsona kapa ho thetsa litopo tsa tsona.

      9 Le ka ja lintho tse latelang tse phelang ka metsing: Ntho leha e le efe e nang le mapheoana le makhakhapha le ka e ja.+ 10 Empa le se ke la ja eng kapa eng e se nang mapheoana le makhakhapha. Ha ea hloeka bakeng sa lona.

      11 Le ka ja nonyana leha e le efe e hloekileng. 12 Empa tsena ke tseo le sa lokelang ho li ja: Ntsu, phakoe e jang litlhapi, lenong le letšo,+ 13 ’mankholi o mofubelu, ’mankholi o motšo, mefuta eohle ea ’mankholi, 14 mofuta o mong le o mong oa lekhoaba, 15 mpshe, sephooko, nonyana ea metsing, mofuta o mong le o mong oa phakoe, 16 sephooko se senyenyane, sephooko se litsebe li telele, khantši, 17 letata le jang litlhapi, lenong, seinoli, 18 mokotatsie, mofuta o mong le o mong oa kokolofitoe, popopo le ’mankhane. 19 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha lia hloeka bakeng sa lona. Le se ke la li ja. 20 Le ka ja sebopuoa leha e le sefe se hloekileng se fofang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela