Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 15:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Le halaletse letsibolo le leng le le leng le letona mohlapeng oa lona oa likhomo le oa linku le lipoli ho Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la sebelisa matsibolo a mehlape ea lona ea likhomo* ho etsa mosebetsi leha e le ofe kapa la kuta matsibolo a mehlape ea lona ea linku le lipoli.

  • Deuteronoma 15:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Empa haeba matsibolo ao a e-na le bokooa bo itseng ebang a holofetse, a foufetse kapa a e-na le bothata leha e le bofe, le se ke la etsetsa Jehova Molimo oa lona sehlabelo ka ’ona.+

  • Deuteronoma 17:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Le se ke la etsetsa Jehova Molimo oa lona sehlabelo ka poho kapa nku e nang le bokooa kapa bothata bo itseng hobane e tla ba ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+

  • Malakia 1:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ha le tlisa phoofolo e foufetseng e le sehlabelo le re: “Ha re etse ntho e mpe.” Leha le tlisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang le ntse le re: “Ha re etse ntho e mpe.”+

      Jehova oa mabotho o re: “Lekang ho li isa ho letona la lona le tle le bone hore na le tla le amohela kapa le le hauhele.”

  • Baheberu 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+

  • 1 Petrose 1:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Le lopolotsoe ka mali a bohlokoa+ a Kreste+ a joaloka a konyana e phetseng hantle, e hloekileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela