Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 10:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Hape, linakong tsa lona tsa ho thaba,+ e leng meketeng+ ea lona le ha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e qala, le letse literompeta bakeng sa linyehelo tsa lona tsa secheso+ le mahlabelo a lona a kopanetsoeng.+ Molumo oa tsona o tla etsa hore Molimo a le hopole. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.”+

  • 1 Likronike 23:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ba ne ba thusa neng kapa neng ha ho nyeheloa mahlabelo a secheso ho Jehova ka Lisabatha,+ ha likhoeli li qala+ le ka linako tsa mekete,+ ho ea ka se ngotsoeng molaong, ba etsa joalo kamehla ka pel’a Jehova.

  • 2 Likronike 2:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka hore ke nehelane ka eona ho eena. Ke moo ho tla chesetsoa libano tse nkhang hamonate+ ka pel’a hae le moo ho tla behoa bohobe+ le moo ho tla etsetsoa linyehelo tsa secheso teng hoseng le mantsiboea,+ ka lisabatha,+ ha khoeli e qala+ le ka linako tsa mokete+ tsa Jehova Molimo oa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho lula ba e etsa.

  • Nehemia 10:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Hape, e mong le e mong oa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka likramo tse ka bang ’nè tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tšebeletso ea ntlo* ea Molimo oa rona,+ 33 bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ea lijo* ea kamehla,+ nyehelo ea secheso ea kamehla ea Lisabatha+ le ea ha likhoeli li qala+ le bakeng sa mekete e ketekoang ka nako e itseng,+ bakeng sa lintho tse halalelang, bakeng sa linyehelo tsa libe+ e le ho koahela libe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi oohle oa ntlo ea Molimo oa rona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela