-
Numere 28:11-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Qalong ea khoeli* ka ’ngoe le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso ea lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo.+ 12 Pohoana ka ’ngoe e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ Ramo e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.+ 13 Konyana ka ’ngoe e tona e tlisoe le k’hilokramo e le ’ngoe* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo* hore e be nyehelo ea secheso e monko o monate,*+ nyehelo e cheselitsoeng Jehova.
-