-
Numere 28:3-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 U re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e chesoang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise likonyana tse peli tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ea secheso ea kamehla.+ 4 Le fane ka konyana e ’ngoe e tona hoseng ’me konyana e ’ngoe e tona le tla fana ka eona ha letsatsi le likela.*+ 5 Le fane le ka lilithara tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le lithara* ea oli e tutsoeng e le nyehelo ea lijo.*+ 6 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla,+ e thehiloeng Thabeng ea Sinai e le monko o monate,* nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo. 7 Konyana ka ’ngoe e tona e tsamaee le nyehelo ea eona ea seno e etsang lithara.*+ Le tšollele seno se tahang sebakeng se halalelang e le nyehelo ea seno ho Jehova. 8 Le tla fana ka konyana e ’ngoe e tona ha letsatsi le likela.* Le tla fana ka eona e le nyehelo e chesetsoang Jehova e monko o monate,* e e-na le linyehelo tse tšoanang le tse etsoang hoseng e leng nyehelo ea lijo* le nyehelo ea seno.+
-