-
Numere 27:1-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 Ka mor’a moo, barali ba Zelofehade+ mora oa Hefere mora oa Gileade mora oa Makire mora oa Manase, ba tla ho Moshe. Mabitso a bona e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza ’me e le ba leloko la Manase, mora oa Josefa. 2 Ba ema ka pel’a Moshe, moprista Eleazare, likhosana+ le ka pel’a sechaba sohle monyako oa tente ea pokano ’me ba re: 3 “Ntate o shoeletse lefeelleng empa o ne a se har’a sehlopha se neng se ikopantse hammoho hore se be khahlanong le Jehova e leng batšehetsi ba Kora.+ O shoele ka lebaka la sebe sa hae ’me o ne a se na bara. 4 Na lebitso la ntate oa rona le lokela ho tlosoa lelapeng la hae hobane feela a ne a se na mora? Re kopa u re fe lefa har’a bana ba bo ntate oa rona.” 5 Kahoo, Moshe a hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.+
6 Jehova a re ho Moshe: 7 “Barali ba Zelofehade ba nepile. U lokela ho ba fa lefa joaloka bana ba bo ntate oa bona ’me u ba fe lefa la ntate oa bona.+
-