-
Hosea 9:10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 “Ha ke ne ke fumana Baiseraele,+ ba ne ba tšoana le morara lefeelleng.
Ke ile ka bona baholo-holo ba bona ba tšoana le lifeie* tse butsoang pele sefateng sa lifeie.
Empa joale ba ile ba ea ho Baale oa Peore.+
Ba inehetse nthong e hlabisang lihlong.*+
Ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.
-
-
1 Bakorinthe 10:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Re se ke ra rapela melimo ea litšoantšo joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa. Etsoe Mangolo a re: “Sechaba sa lula fatše hore se je le ho noa. Sa ema hore se ithabise.”+ 8 Hape re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa, hoo ba 23 000 ba ileng ba shoa ka letsatsi le le leng.+
-