-
Deuteronoma 30:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+
-
-
Deuteronoma 30:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Le tla khutla ’me le mamele lentsoe la Jehova le be le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 9 Jehova Molimo oa lona o tla le atlehisa haholo mosebetsing o mong le o mong oo le u etsang,+ a atise bana ba lona, mehlape ea lona le lihlahisoa tsa lona hobane Jehova o tla boela a thabele ho le atlehisa, feela joalokaha a ile a thabela ho atlehisa baholo-holo ba lona.+ 10 Le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona ’me le boloke litaelo tsa hae tse ngotsoeng bukeng ena ea Molao ’me le tla khutlela ho Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle.+
-
-
1 Marena 8:48, 49Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
48 se khutlela ho uena ka lipelo tsohle tsa sona+ le ka moea* oohle oa sona se le botlamuoeng ’me se rapela se shebile naha ea sona eo u e fileng baholo-holo ba sona le motse oo u o khethileng hammoho le ntlo eo ke u hahetseng eona,+ 49 u utloe thapelo le kopo ea sona u le maholimong sebakeng seo u lulang ho sona+ ’me u fane ka kahlolo bakeng sa sona.
-