-
Deuteronoma 30:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+ 4 Le haeba batho ba habo lona ba hasantsoe ho ea fihla qetellong ea lefatše, Jehova Molimo oa lona o tla le bokella ’me a le khutlise.+
-
-
1 Marena 8:47, 48Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
47 haeba ha se le moo se bakela libe tsa sona+ ’me se khutlela ho uena+ ebile se kopa hore u se hauhele+ se re, ‘Re u foselitse ebile re entse sebe,’+ 48 se khutlela ho uena ka lipelo tsohle tsa sona+ le ka moea* oohle oa sona se le botlamuoeng ’me se rapela se shebile naha ea sona eo u e fileng baholo-holo ba sona le motse oo u o khethileng hammoho le ntlo eo ke u hahetseng eona,+
-