-
1 Marena 8:35, 36Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Ha pula e sa ne+ hobane sechaba se u etselitse sebe+ ’me se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane u entse hore se ikokobetse,*+ 36 e se eka u ka utloa u le maholimong ’me oa tšoarela libe tsa bahlanka ba hao e leng sechaba sa hao sa Iseraele hobane u tla se tataisa+ hore se tsamaee tseleng e nepahetseng, u be u nese pula naheng+ eo u se fileng eona e le lefa.
-
-
2 Likronike 7:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Ha ke koala maholimo hore pula e se ke ea na ’me ke laela litsie hore li je naha le ha ke romela boloetse bo bolaeang har’a batho ba ka, 14 haeba batho ba bitsoang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla ’me ba tlohela litsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utloa ke le leholimong, ke tšoarele sebe sa bona ’me ke nchafatse naha ea bona.+
-