Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 U tlise lihlahisoa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butsoitseng tse tsoang mobung ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

      U se ke oa pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.+

  • Levitike 23:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Ha le kena naheng eo ke le fang eona ’me le se le kotutse lijalo ho eona, le tlise ngata ea litholoana tsa pele+ tseo le li kotutseng ho moprista.+

  • Numere 18:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova a tsoela pele ho bua le Arone a re: “Ke u fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetsoang.+ Ke file uena le bara ba hao karolo ea lintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+

  • Numere 18:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Lihlahisoa tsa bona tsa pele tseo ba li fang Jehova tsa oli eohle e ntlehali,+ veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke u fa tsona.+

  • 2 Likronike 6:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Empa ke khethile Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo ’me ke khethile Davida hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele.’+

  • 2 Likronike 31:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ha Baiseraele ba utloa taelo eo, ba fana ka lihlahisoa tsa pele tse ngata e leng koro, veine e ncha, oli,+ mahe a linotši le lihlahisoa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ea leshome ea lintho tsohle ka bongata.+

  • Liproverbia 3:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Hlompha Jehova ka ho mo fa lintho tsa hao tsa bohlokoa,+

      Ka ho mo fa tse ntlehali* har’a tseo u li kotutseng.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela