Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 3:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Baiseraele ba ile ba sebeletsa Eglone morena oa Moabe ka lilemo tse 18.+

  • Baahloli 6:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+ Kahoo, Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane ka lilemo tse supileng.+ 2 Bamidiane ba ile ba hatella Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane, Baiseraele ba ile ba iketsetsa libaka tseo ba ka ipatang* ho tsona lithabeng, mahaheng le libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.+ 3 Ha Baiseraele ba jetse peo, Bamidiane, Baamaleke+ le batho ba Bochabela+ ba ne ba ba hlasela. 4 Ba ne ba hloma litente e le hore ba ba hlasele ’me ba senye lihlahisoa tsa naha ho ea fihla Gaza. Ba ne ba sa siele Baiseraele letho le jeoang leha e le nku kapa poho kapa tonki.+ 5 Ba ne ba tla le mehlape le litente tsa bona ba le bangata joaloka litsie+ ’me bona le likamele tsa bona ba ne ba se na palo,+ ba ne ba tla naheng ho tla e felisa.

  • Nehemia 9:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ka lebaka leo, oa nehelana ka bona matsohong a bahanyetsi ba bona+ ba ileng ba ’na ba ba phelisa ka thata.+ Empa ba ne ba hoeletsa ho uena ha ho se ho le boima ’me u ne u ba utloa u le maholimong. Kaha u mohau, u ne u ba fa bapholosi ba neng ba ba pholosa matsohong a bahanyetsi ba bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela