Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 32:20-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka lihlomo bakeng sa ntoa feela joalokaha Jehova a boletse+ 21 ’me haeba kaofela ha lona le nka lihlomo ’me le tšela Jordane ka pel’a Jehova ha a leleka lira tsa hae ka pel’a hae+ 22 ho fihlela naha e hloloa ka pel’a Jehova,+ ka mor’a moo le ka ’na la khutla+ ’me le tla hloka molato ka pel’a Jehova le Iseraele. Joale naha ena e tla ba ea lona ka pel’a Jehova.+

  • Numere 32:25-29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Rona bahlanka ba hao re tla etsa feela joalokaha u re laela morena oa rona. 26 Bana ba rona, basali ba rona, mehlape ea rona le liphoofolo tsohle tsa rona li tla sala metseng ea Gileade.+ 27 Bahlanka ba hao ba tla tšela, banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntoa ka pel’a Jehova+ feela joalokaha u re bolella morena oa rona.”

      28 Kahoo, Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare, ho Joshua mora oa Nune le ho baeta-pele ba malapa a Iseraele. 29 Moshe a re ho bona: “Haeba banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntoa ka pel’a Jehova ba leloko la Gade le la Rubene ba ka tšela Jordane le lona eaba le hapa naha, le ba fe naha ea Gileade hore e be ea bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela