Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 9:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Haeba u lula u ntšepahalla joaloka ntate oa hao Davida+ ’me u etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona+ le ho mamela melao ea ka,+ 5 ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao Iseraele ka ho sa feleng feela joalokaha ke tšepisitse ntate oa hao Davida ka re, ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea lutseng teroneng ea Iseraele.’+

  • Pesaleme 89:49
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 49 Jehova, le hokae lerato leo u ileng oa le bontša nakong e fetileng,

      Leo u ileng oa ikana ka lona ho Davida hobane u tšepahala?+

  • Pesaleme 132:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ke tla etsa hore matla* a Davida a eketsehe moo.

      Ke lokiselitse motlotsuoa oa ka lebone.+

  • Esaia 9:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola

      Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.

      E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona joale ho ea ho ile.

      Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela