-
2 Samuele 7:12-15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 13 Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.+ 14 Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa ke tla mo khalemela ka thupa* ’me ke mo shape feela joalokaha batho ba etsa.+ 15 Nke ke ka khaotsa ho mo bontša lerato* joalokaha ke ile ka tlohela ho rata Saule,+ eo ke ileng ka mo tlosa ka pel’a hao.
-