-
2 Marena 17:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+
-
-
2 Likronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
-
-
Jeremia 7:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 ho tloha mohla baholo-holo ba lona ba tsoang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makhetlo-khetlo.*+ 26 Empa ba hanne ho ’mamela ’me ha baa ka ba sekeha tsebe.+ Ho e-na le hoo, ba ne ba le manganga* eaba ba etsa hampe ho feta baholo-holo ba bona.
-