-
2 Marena 17:13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.”
-
-
2 Likronike 36:15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe.
-
-
Nehemia 9:17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala liketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha u li etsa. Ba e-ba manganga* ’me ba khetha moeta-pele hore ba khutlele bokhobeng ba bona Egepeta.+ Empa kaha u Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela,* ea utloelang batho bohloko le ea mohau,* ea liehang ho halefa le ea lerato,*+ ha oa ka oa ba lahla.+
-