Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 24:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a fihla Jerusalema ha bahlanka ba hae ba ntse ba e thibeletse.

  • 2 Marena 24:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 A nka matlotlo ’ohle a ntlo ea Jehova le a ntlo ea morena.*+ A pshatla lisebelisoa tsohle tsa khauta tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li entse ka tempeleng ea Jehova.+ Ha etsahala seo Jehova a neng a se boletse.

  • 2 Likronike 36:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Nebukadnezare a nka tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova ka nkane, a li isa Babilona eaba o li beha ka phaleising ea hae e Babilona.+

  • 2 Likronike 36:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Molimo oa ’nete, tse kholo le tse nyenyane, matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena le likhosana tsa hae, kaofela a li isa Babilona.+

  • Esdrase 6:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape lijana tsa ntlo ea Molimo tsa khauta le tsa silevera, tseo Nebukadnezare a ileng a li ntša ka tempeleng e Jerusalema ’me a li tlisa Babilona+ li ke li khutlisoe e le hore li ka behoa moo li lulang teng ka tempeleng e Jerusalema, li behoe ka tlung ea Molimo.’+

  • Daniele 1:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Jojakime+ oa Juda, Morena Nebukadnezare oa Babilona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+ 2 Ha nako e ntse e ea, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime oa Juda letsohong la Nebukadnezare+ hammoho le tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo* ea Molimo oa ’nete. Nebukadnezare o ile a tlisa lisebelisoa tseo naheng ea Shinare*+ ka tlung* ea molimo oa hae eaba o li beha matlotlong a molimo oa hae.+

  • Daniele 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ha Belshatsare a se a tahiloe, a laela hore ho tlisoe lijana tsa khauta le tsa silevera tseo ntate oa hae Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng e Jerusalema+ e le hore eena le bahlomphehi ba hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba ka noa ka tsona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela