Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 28:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Solomone mora oa ka, tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle*+ u thabile* hobane Jehova o hlahloba lipelo tsohle+ ’me o khona ho bona lintho tsohle tseo motho a li nahanang.+ Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane+ empa haeba u mo tlohela, o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 62:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Lerato* le lona ke la hao, Jehova.+

      U putsa motho e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.+

  • Liproverbia 24:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Haeba u re: “Empa re ne re sa tsebe,”

      Na Ea hlahlobang lipelo a ke ke a lemoha menahano ea hao?+

      Ea u shebileng ka hloko o tla tseba,

      O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • Jeremia 32:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Merero ea hao e meholo ’me liketso tsa hao li matla,+ uena eo mahlo a hao a bonang liketso tsohle tsa batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • Ezekiele 33:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Empa le itse, ‘Jehova ha a etse lintho ka toka.’+ Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong oa lona ho ea ka liketso tsa hae.”

  • Baroma 2:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 O tla ahlola e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kaofela ha rona re tla ema ka pel’a setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuoe moputso ho ea ka lintho tseo a ileng a li etsa ha a sa ntse a e-na le ’mele ebang li ne li le ntle kapa li le mpe.+

  • Bagalata 6:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ea ka thetsang* Molimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+

  • 1 Petrose 1:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ha le kopa lintho ho Ntate oa lona ea ahlolang bohle ka toka+ ho ea ka mesebetsi ea bona, le bontše hore lea mo hlompha+ ha le sa ntse le le lefatšeng.

  • Tšenolo 22:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Molimo o re: ‘Ke tla kapele ’me ke tšoere moputso oo ke tla o fa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela