Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 34:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 O tla fa motho moputso o mo tšoanelang,+

      A etse hore a kotule seo a se jetseng.

  • Liproverbia 24:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Haeba u re: “Empa re ne re sa tsebe,”

      Na Ea hlahlobang lipelo a ke ke a lemoha menahano ea hao?+

      Ea u shebileng ka hloko o tla tseba,

      O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • Baroma 2:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 O tla ahlola e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kaofela ha rona re tla ema ka pel’a setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuoe moputso ho ea ka lintho tseo a ileng a li etsa ha a sa ntse a e-na le ’mele ebang li ne li le ntle kapa li le mpe.+

  • Bagalata 6:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ea ka thetsang* Molimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+

  • 2 Timothea 4:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Alexandere setei sa koporo o nkentse hampe ka makhetlo a mangata. Jehova* o tla mo ahlolela liketso tsa hae.+

  • Tšenolo 20:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pel’a terone ’me meqolo ea buloa. Empa ho ile ha buloa moqolo o mong, moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+ 13 Leoatle la khutlisa bafu ba ka ho lona, lefu le Lebitla* le tsona tsa khutlisa bafu ba ka ho tsona eaba e mong le e mong o ahloloa ho ea ka liketso tsa hae.+

  • Tšenolo 22:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Molimo o re: ‘Ke tla kapele ’me ke tšoere moputso oo ke tla o fa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela