16 Batho bao ba ba profetelang, basali ba bona, bara le barali ba bona ba tla bolaoa ke tlala le sabole. Litopo tsa bona li tla lahleloa literateng tsa Jerusalema ’me ha ho motho ea tla ba pata+ hobane ke tla ba tlisetsa tlokotsi e ba loketseng.’+
4 ‘Ba tla bolaoa ke mafu+ empa ha ho na motho ea tla utloa bohloko hobane ba shoele kapa a ba pate. Ba tla ba joaloka moiteli holim’a lefatše.+ Ba tla felisoa ka sabole le tlala+ ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa linonyana le tsa libata.’