Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 79:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Li bolaile bahlanka ba hao, tsa ba fa linonyana hore li ba je.

      Tsa bolaea bahlanka ba hao ba tšepahalang, tsa ba fa libata.+

       3 Li tšolotse mali a bona joaloka metsi hohle Jerusalema,

      Ha ho na ea setseng hore a ka ba pata.+

  • Esaia 5:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,

      O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaee.+

      Lithaba li tla tsukutleha,

      Litopo tsa bona li tšoane le lithole tse seterateng.+

      Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

      Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.

  • Jeremia 7:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Litopo tsa sechaba sena e tla ba lijo tsa linonyana tsa maholimo le libata tsa lefatše ’me ha ho na motho ea tla tšosa linonyana le libata tseo.+

  • Jeremia 9:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 E-re: ‘Jehova o re:

      “Litopo tsa batho li tla oa joaloka moiteli tšimong

      Joaloka koro* e sa tsoa heloa ke mokotuli

      Ho se ea e bokellang.”’”+

  • Jeremia 36:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ka hona, Jehova o re ka Morena Jojakime oa Juda: ‘Ha ho le ea mong oa litloholo tsa hae ea tla sala hore a lule* teroneng ea Davida+ ’me setopo sa hae se tla chesoa ke letsatsi motšehare, se lale serame bosiu.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela