Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 7:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utloela ka taba ena ba tla re pota-pota ’me ba felise lebitso la rona lefatšeng. Joale u tla etsa’ng ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+

  • 1 Samuele 12:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jehova a ke ke a lahla batho ba hae+ ka lebaka la lebitso la hae le leholo+ hobane Jehova o khethile ho le etsa sechaba sa hae.+

  • 2 Likronike 14:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Asa a kopa thuso ho Jehova Molimo oa hae+ a re: “Jehova, u thusa batho ho sa tsotellehe hore na ba bangata kapa baa fokola.+ Re thuse Jehova Molimo oa rona hobane re tšepetse ho uena+ ’me re tlile ho tla loantša masole ana a mangata ka lebitso la hao.+ Jehova, u Molimo oa rona. U se ke oa lumella motho hore a u hlole.”+

  • Pesaleme 115:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 115 Ha re tšoaneloe ke letho Jehova, ho hang ha re tšoaneloe ke letho.

      Empa lebitso la hao le lokela ho tlotlisoa+

      Hobane u lerato ebile oa tšepahala.+

       2 Ke hobane’ng ha lichaba li re:

      “Molimo oa bona o hokae?”+

  • Esaia 48:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Empa molemong oa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+

      Ka lebaka la thoriso ea ka ke tla ithiba,

      Nke ke ka u felisa.+

  • Jeremia 14:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Le hoja liphoso tsa rona li paka hore re molato,

      Jehova, re thuse molemong oa lebitso la hao+

      Hobane re hlolehile ho u tšepahalla ka makhetlo a mangata,+

      Re u sitetsoe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela