-
Jeremia 33:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 “ ’Na Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motšehare li se hlole li e-ba teng ka nako ea tsona,+ 21 ke mohla selekane sa ka le mohlanka oa ka Davida se ka felang+ eaba ha a be le mora ea busang e le morena teroneng ea hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+
-
-
Liketso 13:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Ka mor’a ho mo tlosa, a khetha Davida hore e be morena oa bona.+ Molimo o ile a re ka eena: ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea nkhahlisang.+ O tla etsa lintho tsohle tseo ke li ratang.’ 23 Molimo o ile a ba hlahisetsa Jesu e le mopholosi ho tsoa litloholong* tsa hae joalokaha a ne a tšepisitse.+
-