5 U se ke oa tšoha hobane ke na le uena.+
Ke tla tlisa bana ba hao ho tsoa bochabela,
Ke tla le bokella ho tsoa bophirimela.+
6 Ke tla re ho leboea, ‘Fana ka bona!’+
Le ho boroa, ‘U se ke oa hana ka bona.
Tlisa bara ba ka ho tsoa hole le barali ba ka ho tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše,+
-
Jeremia 31:8
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ke tla ba lata ho tsoa naheng ea leboea.+
Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse hole-hole tsa lefatše.+
Har’a bona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng,+
Mosali oa moimana le ea pepang, kaofela ha bona.
Ba tla khutlela mona e le phutheho e kholo.+